MATSHWAO: 100
NAKO: Dihora tse 2½
Pampiri ena e na le maqephe a 8.
PAMPIRI YA BORARO (P3)
KEREITE YA 12
DITAELO HO MOHLAHLOBUWA
Pampiri ena e arotswe dikarolo tse tharo, e leng:
KAROLO YA A:
KAROLO YA B:
KAROLO YA C:
Moqoqo 
Ditema tsa kgokahano tse telele 
Ditema tsa kgokahano tse kgutshwane 
Bala ditaelo TSOHLE ka hloko.
Mohlahlobuwa o lokela ho araba potso e le NNGWE karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e NNGWE le e NNGWE leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Mohlahlobuwa o tlameha ho etsa moralo wa ho ngola (ka ho iketsetsa mmapa wa monahano, daekramo, tjhate e bontshang tatellano ya mehopolo kapa ho etsa feela lenane la dintlha tseo a tlang ho ngola ka tsona), mme a be a lekole botjha mosebetsi wa hae ka ho o bala hape, ho o nahanisisa, ho o hlaola diphoso, le ho nehelana ka sehlahiswa se phethetsweng. Moralo o etswe ditemeng tsohle.
Meralo yohle e totobatswe hantle hore ke meralo, pele ho hlahiswa tema e ngolwang.
Mohlahlobuwa o eletswa ho sebedisa metsotso e 80 a araba KAROLO YA A, metsotso e 40 a araba KAROLO YA B le metsotso e 30 a araba KAROLO YA C.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso.
ELA HLOKO: Ngola sehlooho se loketseng seo o se kgethileng.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang ho bebofaletsa motshwai ho tshwaya mosebetsi wa hao.
Bolelele ba ditema tse hlahiswang e be:
KAROLO YA A:
KAROLO YA B:
KAROLO YA C:
Moqoqo - mantswe a 400 - 450
Ditema tsa kgokahano tse telele - mantswe a 180 - 200
Ditema tsa kgokahano tse kgutshwane - mantswe a 100 - 120
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
KAROLO YA A: MOQOQO
POTSO YA 1
Kgetha sehlooho se le SENG mme o ngole moqoqo wa bolelele ba mantswe a 400 ho isa ho a 450. Ela tsena hloko:
Mohatong wa boitokisetso etsa moralo kapa mmapa wa monahano moo o bontshang mehopolo ya sehlooho le dintlha tse e tshehetsang tseo o tla ngola ka tsona.
Ha o qeta ho ngola moqoqo boela o o bale hape ho hlaola diphoso. O tla abelwa matshwao bakeng sa ho ela hloko mehato ena.
Hoseng hono le ne le sele le bile le sele le bohweng ba ntja. Moya ho ne ho foka o mosesane o neng o bonwa feela ka ho sisinyeha ho hosesane ha mahlaku a difate ka ntle. Letsatsi le tjhabile le monatjana, ho bonahala hore tsohle di tla tsamaya hantle, empa ka tshohanyetso, ha kena motho a kgelelletse dikgororo. Ngola moqoqo oo sehlooho sa wona e leng: Le kajeno ha ke eso lebale tsa letsatsi leo.
KAPA
Bophelo ba kajeno bo re tlama maoto le matsoho ho nahanisa ka hloko qeto e nngwe le e nngwe eo re e etsang. Sena re lokela ho se etsa ho phema diphoso kapa mathata a yeng a hlahele hamorao. Ho ye ho etsahale hore motho a etse qeto e mpe kapa e fosahetseng ka nako e nngwe. O kile wa etsa qeto e fosahetseng ka nako e nngwe, mme ditholwana tsa qeto eo e bile tse bosula ruri. Le kajeno o sa ikwahlaya. Ngola moqoqo oo ka wona o hlalosang qeto e fosahetseng eo o kileng wa e etsa, mme o se lebale ho hlahisa ditholwana tsa qeto eo. Sehlooho sa moqoqo e be, Qeto e fosahetseng e na le ditholwana tsa yona le yona.
KAPA
Tlwaelo e teng ditjhabeng tse ngata e supa hore hangata ha batjha ba tla qala taba ya ho ratana, mohlankana ke yena ya yeng a ipuelle ho morwetsana pele ho ka ba le ho kunkelang. Demokerasi e hlahisitse maikutlo a mang a matjha morao tjena; balwanedi ba tekatekano ya bong ba bolela hore morwetsana ha a rata mohlankana a hle a ikete a be a tswe molomo, etswe Sesotho se re 'ngwana ya sa lleng o shwela tharing'. Na o bona e le ntho e amohelehang hore morwetsana a ipuelle ho mohlankana? Ngola moqoqo oo ho wona o nehelanang ka lehlakore la hao tabeng ena. Sehlooho sa hao sa moqoqo e be, Nna ke bona taba ena tjena ...
KAPA
O bile sekolong sena nako e seng ka tlase ho dilemo tse tharo jwale. O tsebile batho ba bangata bao ba bang ba bona o ileng wa etsa setswalle se matla le bona. Hara metswalle ena yohle, ho na le motho a le mong eo o ileng wa aha setswalle sa mmakgonthe le yena. Enwa motho o ne o mo tshepa le ho mo rata e le ka nnete. E be ke eng se etsang hore a ikgethe hakaale hara metswalle yohle ya hao? Ngola moqoqo oo ka wona o hlalosang semelo sa enwa motswalle wa hao. Sehlooho sa moqoqo ona wa hao e be: Enwa motswalle.
KAPA
Kgalemo ya baithuti ka thupa dikolong tsa Afrika Borwa e ne e fediswe semolao ke mmuso. Bothata ke ho re a mang a matitjhere dikolong tse ding tse itseng a ntse a tswela pele ho sebedisa thupa. Hangata sena se hlahella ha batswadi kapa baithuti ba se ba ritetse dinyewe. Ho kgalema moithuti ka thupa ke tlolo ya molao, mme Lefapha la Thuto le tebela matitjhere a etsang tlolo e jwalo ya molao. Wena ha o tadima taba ena, o bona kgato ena e nkuwang ke Lefapha la Thuto e na le botle le bobe ba yona setjhabeng. Ngola moqoqo oo ho wona o tshehetsang mahlakore ana ka bobedi. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be, Ena kgato e a lokisa ebile e a senya.
KAPA
Batjha ba Afrika Borwa ba tobane le bothata ba tshebediso e mpe ya dithethefatsi mmoho le nnotahi. Mmuso, setjhaba le mekgatlo eo e seng ya mmuso e eme ka maoto ho ruta le ho eletsa batjha hore ba se wele lerabeng lena. Le ha ho le jwalo batjha ba bangata ba wela lerabeng lena, mme ba bang ba bona ba qetella ba ile masihlwane. E be bothata boo bo ntseng bo ja setsi hakaale bo ka qojwa jwang? Wena o na le leano leo o bonang hantle hore ha le ka sebediswa ka nepo le ka tshwanelo, qaka ena e ka rarolleha. A ke o ngole moqoqo oo ho wona o qaqisang ka moo bothata bona bo ka phenngwang ka teng. Sehlooho sa moqoqo e be: Tharollo ya bothata bona.
KAPA
O ne o qetela dithuto tsa hao tsa ho qetela sekolong se phahameng selemong se fetileng. O ne o sebetsa ka thata mme o ikemiseditse ho feta dithuto tsa hao ka katleho. Empa ha ho a ka ha eba jwalo. Ho bile le kaekae moo dintho di sa kang tsa tsamaya ka theko. Ha o a ka wa atleha dithutong tse ding ke hona. Ha o thola o nahanisisa hantle o ipona o ile wa etsa diphoso tse itseng. Ha o rate ho ka etsa diphoso tse jwalo hape. Ke kae moo o ileng wa kgetshemela teng? A ke o ngole moqoqo oo ka wona o qaqisang diketso tsa hao tseo o nahanang hore ke tsona tse bakileng hore o se atlehe dithutong tsa hao. Sehlooho sa moqoqo e be, Ke kgetshemetse ha ke ne ke ...
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE TELELE
POTSO YA 2
Kgetha mme o ngole tema e le NNGWE ya bolelele ba mantswe a 180 ho isa ho a 200 (dikahare feela).
Mohatong wa boitokisetso etsa moralo kapa mmapa wa monahano moo o bontshang mehopolo ya sehlooho le dintlha tse e tshehetsang tseo o tla ngola ka tsona.
Ha o qeta ho ngola tema ya hao, boela o e bale hape ho hlaola diphoso. O tla abelwa matshwao bakeng sa ho ela hloko mehato ena.
Motswalle wa hao ya dulang naheng ya Lesotho o rerile ho o etela ha dikolo di kwalla phomolo tsa Mariha. Le ne le dumellane kgale ka taba ena, mme o se a itokiseditse ho tla. Ka bomadimabe o se o hlahetswe ke lebaka le sitisang kopano ena ya lona. O ke ke wa ba teng lapeng ka nako eo. Mo ngolle lengolo o mo hlalosetse maemo ana a ditaba a hlahileng morao tjena.
KAPA
Mosuwehlooho wa sekolo sa heno o fumane mosebetsi o mong, mme o a tsamaya. Sekolo se rerile ho mo etsetsa mokete wa tumediso ka la 4 kgweding e tlang. Ho menngwe baeti ba bohlokwa ba kenyeletsang baemedi ba Lefapha la Thuto, dihlooho tsa dikolo tse mabapi, batswadi, matitjhere mmoho le baithuti ba sekolo sa heno. O kgethilwe ho emela baithuti ba sekolo sa heno, mme o lokela ho tshetlehela setjhaba sena puo letsatsing leo. Ngola puo eo o tla e tshetlehela baamohedi ba ditaba mohla letsatsi leo le leholo.
KAPA
Haufi le moo o dulang ho hlokahetse motho. Ka ha matlo ho tjha a mabapi, lelapa leo le hloka thuso ka ditsela tse fapaneng. Ba leloko ba o kopile hore o ba ngolle tsa bophelo ba mofu. O se o fumantshitswe tlhahisoleseding yohle e hlokehang ke ba lelapa. Ngola tsa bophelo ba mofu (obitjhuari) enwa.
KAPA
Karolo ya motse oo o ahileng ho yona e na le bothata ba metsi. Metsi a pula a phallella ka matlong ka mehla ha pula e na. Baahi ba dulang mona ba theile komiti e tla tadimana le bothata bona. O mongodi komiting ena. Komiti e o laetse ho ngolla majoro wa motse lengolo. Ngolla majoro wa motse lengolo mme o hlalose ka botlalo bothata bona, mme o be o sisinye ditlhahiso tse itseng mabapi le se ka etswang.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
KAROLO YA C: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE KGUTSHWANE
POTSO YA 3
Kgetha mme o ngole tema e le NNGWE ya bolelele ba mantswe a 100 ho isa ho a 120.
Sekolo sa heno se hlophisitse tlhodisano ya mmabotle le rabotle ba selemo. Ditlhophiso tsa ketsahalo ena di se di hlile di hlwele mekwalaba. O ne o kgethwe ho ba setho komiting e etsang ditlhophiso tsa tlhodisano ena, mme komiti e o laetse ho rala phousetara e tla sebediswa ho phatlalatsa tlhodisano ena e rerilweng setjhabeng. Ngola phousetara e tla manehwa mapatlelong a sekolo le motse ho tsebisahatsa tlhodisano ena. Hlahisa tsohle tse hlokehang phousetareng ya hao.
KAPA
Ntataomoholo ke ngaka ya setso. O ne a sa tswa sibolla moriana wa Sesotho o phekolang mafunyana a mangata. Ngaka ena e o kopile hore o e ralle pampitshana ya tlhahisoleseding (flyer) eo e tla e phatlalatsa hara motse ho tsebisa setjhaba ka sehlahiswa sena se setjha. Ngaka e se e o file dintlha tsohle tse mabapi le moriana ona. Ngola pampitshana ya tlhahisoleseding (flyer) eo ngaka e tla e sebedisa ho ngoka bakudi le karolo e nngwe ya setjhaba.
KAPA
Baithuti ba sekolo sa heno ba ne ba hlophiseditswe leeto la thuto kgweding e shweleng. O ne o le e mong wa bao. Le ne le ile Thekong kapa dibakeng tse ding tse nang le thuto e itseng. Leeto lena la lona le nkile matsatsi a mahlano. Matsatsi ao a mahlano a bile hlokolosi haholo ho wena, mme ha o rate ho a lebala. A ke o ngole tsa matsatsi ao a mahlano dayaring ya hao. Hlahisa tsohle tsa bohlokwa, mme o se lebale ho totobatsa kamoo o neng o ikutlwa kateng.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA:
